NAFVSA e na le Karolo ya Phihlello, e etsang hore baahi ba Afrika Borwa kaofela ba fumane thepa haholoholo ditjhaba tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng. Letsholong la ho tlabola dilekane tsa tshesefo le di-institjhushene tse ding, e leka ho fihlella baahi ba Afrika Borwa kaofela.
Diakhaeve tsa Naha tsa Difilimi, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo di amana le merero e mengata. Di-institjhushene tsa Thuto di memelwa ho boha difilimi le ho tshohla sehlooho sefe kapa sefe seo ba fumanang ho hlokeha hore ba buisane ka sona. Hona ho etsuwa ka ditherisano le matitjhere le barupedi. Sepheo sa sehlooho sa karolo ya phihlello ke ho ?isa Baesekopo Bathong? moo e tla tswela batho molemo. Hona ho etswa ka tshebedisano le mekgatlo e meng jwalo ka dikolo, di-indasteri tse loketseng, dikereke, mekgatlo ya setjhaba le setjhaba ka kakaretso.
NAFVSA e tobile haholo batho ba phelang dibakeng tseo eseng tsa diteropo ba sa tsebeng hore diakhaeve tsa difilimi ke eng hobane ba na le tokelo ya ho fihlella lesedi lena.
NAFVSA e rerile ho sebedisa Ditsha tsa Setjhaba tsa Bonono, tse hahilweng ke Lefapha la Bonono le Setho ho phethahatsa boikemisetso bona. Diholo tsa dikereke, tsa dikolo le diholo tsa setjhaba le tsona di tla sebediswa.
Re kgothaletsa setjhaba kapa mang kapa mang ya thahasellang lefa la modumo le le bonwang la naha ena, ho ikopanya le rona haeba ba na le dikopo tsa ho sebedisa ditshebeletso tsa NAFVSA.
MORERO WA NEANOTABA LE MMINO WA MATSWALLWA A KWANO
NAFVSA ebile e na le karolo e sebetsanang le paballo ya kgatiso ya neano ya ditaba tse qoqwang tse tlatsang dikgeo nalaneng ya rona. Ho buisanwa le batho ka dihlooho tse fapaneng tse thehilweng sethong, bononong, nalaneng, le kahong ya setjhaba.
Pokeletso, paballo le ho hasanya Mmino wa Matswallwa a kwano e ntshetswa pele ka Pepeso ya rona e Tsamayang ya Diletsa tsa Mmino wa Matswallwa a kwano.
Aterese ya Poso
Diakhaeve tsa Naha tsa Difilimi, Dividiyo ke Modumo
Aterese ya Sebaka
Diakhaeve tsa Naha tsa Difilimi, Dividiyo ke Modumo
Ho seke ha romellwa poso atereseng ya sebaka sena hle
Founu: 343 9767
Diphuputso tse entsweng ka 1956 di ile tsa qetella di fetohile molao o thehang Boto ya Difilimi tsa Naha ka la 1 Mmesa 1964. Mosebetsi wa sehlooho wa Boto ya Difilimi tsa Naha e ne e le ho thusa ntshetsopeleng ya indasteri ya difilimi. Mesebetsi e meng e ne e le ho tsomana le, ho etsa monyetla wa hore ho fihlellwe, ho boloka le ho etsa hore ditlaente di fumane difilimi tse entsweng Afrika Borwa le tse entsweng ka Afrika Borwa. Hore ho etswe mesebetsi ena ho ile ha thehwa karolo e tsejwang ka hore ke Institjhushene ya Difilimi tsa Afrika Borwa. Lebitso la karolo ena le ile la qetella le fetoletswe ho Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha.
Mosebetsi o moholo wa Boto ya Difilimi tsa Naha e ne e le ho thusa ntshetsopele ya indasteri ya difilimi. Mesebetsi e meng e ne e le ho tsomana le, ho baballa le ho etsa hore ditlaente di kgone ho fihlella difilimi tsa Afrika Borwa le tse entsweng ka Afrika Borwa. Ho ile ha thehwa karolo e tsejwang ka hore ke Institjute ya Afrika Borwa ho etsa mesebetsi ena. Ha morao lebitso la karolo ena le ile la fetolwa ho Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha.
Ka la 31 Tshitwe 1979 mesebetsi ya Boto ya Difilimi tsa Naha e ile ya fediswa. Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha ebile yona feela karolo e ileng ya sala, mme ya fetisetswa Lefapheng la Thuto ya Naha. Qetellong karolo ena e ile ya fetoha karolo ya Diakhaeve tsa Mmuso (ha morao ya e ba Diakhaeve tsa Naha) ka 1982, mme haesale ho tloha ka nako eo sebaka sena se sebetsa jwalo ka sebaka sa polokeletso ya direkoto tsa modumo le thepa e bonwang (kapa ?ditokomane? tsa modumo le tse bonwang ho latela lereo le sebediswang Molaong wa Thesemetso ya Molao).
Ka selemo sa 1985 mesebetsi ya yona e ile ya atoloswa hore e kenyeletse dikgatiso tsa modumo, mme lebitso ka hoo le ile la fetolelwa ho Diakhaeve tsa Naha tsa Difilimi, Dividiyo le tsa Modumo (NAFVSA)
Molao o motjha wa Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa o ile wa simolla ho sebetsa ka la 1 Pherekgong 1997. O etsa monyetla wa pokelletso, paballo le hore direkoto tsa modumo le tse utluwang di kgone ho fihlellwa ke mekgatlo ya mmuso le ke di-institjhushene tsa praevete ha mmoho le batho. O etsa le hore Diakhaeve tsa Naha, kapa NAFVSA ka ho otloloha, e kope bahlahisi le ba hasanyang ditlhahiso tsa modumo le tse bonwang hore ba nehelane ka dikhopi tsa mosebetsi wa bona e le mpho. Hona ha ho kenyeletse ditlhahiso tse lokelang hore di thesemetswe polokelong ho ya ka Molao wa Thesemetso ya Molao. Thepa ya modumo le e bonwang e ka nna ya fumanwa le ka hore e tloswe mafapheng a mmuso ho leba ho a mang kapa mekgatlong, nyehelo tse sa qobellwang, diphapanyetsano le ditheko. Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo di ile tsa fumana botho bo phethahetseng ba Mokgatlo wa Matjhaba wa Diakhaeve tsa Modumo (IASA) ka 1989. Ka 2002 di ile tsa fumana botho bo phethahetseng ba Federeishene ya Matjhaba ya Diakhaeve tsa Difilimi (FIAF).
NAFVSA ke karolo ya Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa tse welang tlasa Lefapha la Bonono le Setho. Diakhaeve tsa Difilimi tsa Naha, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo ke yona feela institjhushene ya naha ya mofuta ona Afrika Borwa.
Maikemisetso a Diakhaeve tsa Naha tsa Difilimi ke:
Ho bokella thepa ya modumo le e bonwang (ya setjhaba le eo eseng ya setjhaba) le thepa e amanang le tse ileng tsa etswa Afrika Borwa le tse entsweng ka Afrika Borwa.
Ho netefatsa hore ho na le paballo e loketseng ya lefa la modumo le le bonwang la Afrika Borwa.
Ho etsa hore direkoto tse jwalo di fumanehe le ho kgothaletsa hore di sebediswe ke baahi bohle ba Afrika Borwa.
Ho ntshetsa pele tshebedisano dipakeng tsa di-institjhushene tse nang le direkoto tse jwalo.
Ho ntshetsa pele di-indasteri tsa thepa ya dihlahiswa tsa modumo le tse bonwang ho la Afrika Borwa
DIAKHAEVE TSA DIFILIMI, DIVIDIYO LE MODUMO KE ENG?
NAFVSA ke institjhushene ya mmuso e bolokelang meloko e tlang lefa la thepa ya modumo le e bonwang ya naha ena. Dibopeho tse fapaneng tse tshwanang le difilimi, dividiyo, dikgatiso tsa modumo le thepa e tsamaelanang le tsona ke dintho tse ka fumanehang Diakhaeveng tsa difilimi, tsa dividiyo le tsa modumo. NAFVSA e lokela hore e bonwe e le setsha seo eleng mohlodi wa lefa la thepa ya modumo le e bonwang la Afrika Borwa.
NAFVSA e na le phaposi ya moo ho ballwang teng moo bafuputsi ba kgonang ho hloma mekgwa ya thuso e fapafapaneng ha mmoho le sesiu se fupereng lesedi sa khomputara, ntle le tefiso. Ho sheba kapa ho mamela thepa ena, ho hlokeha hore ho etswe peheletso nako esale teng. Ho hlokeha tsebiso ya matsatsi a mararo ho dumella thepa hore e tlwaelehe pele e ka lekolwa kapa ya mamelwa sesebedisweng se loketseng. Thepa e ka fumaneha sebakeng sa NAFVSA ka tefello e behilweng ke Ofisi ya Ramatlotlo. Baithuti ba sebele ka peheletso, ba ka lekola kapa ba mamela thepa ena mahala. Ho hlokeha tumello e ngotsweng ya ditokelo tsa beng ba thepa pele thepa efe kapa efe e ka fumaneha hore e atiswe.
NAFVSA ntle le pokeletso ya thepa ya modumo le e bonwang, e boetse e na le thepa e nngwe e amanang le eo e tshwanang le dislaete, diphoustara, difoto, dingolwa, dintho tse tswang musiamong le laeboraring e sebetsanang le thepa ya modumo le e bonwang.
Laeborari e nang le dibuka tse ka bang 3000 tse akaretsang mahlakore kaofela a lekala la boithabiso, ho tloha mehleng ya pele ya Boto ya Difiliimi tsa Naha e seng e fedisitswe mme jwale ke laeborari ya moo ho fumanwang lesedi la bohlokwa teng ka lebaka la boleng ba bongata ba dibuka tse fumanehang moo. Leha ho le jwalo, dibuka kaofela tse laeboraring ena di ka lekolwa sebakeng sena sa Diakhaeve tsa Difilimi, Dividiyo le Diakhaeve tsa Modumo, mme ho ka etswa le dikhopi ka tjheletenyana e seng kaenyana feela.
NAFVSA e na le pokello ya diphoustara tse sa tlwaelehang tse ka bang sekete se le seng, tsa ho tloha mehleng ya De Voortrekkers , eleng filimi ya kgale ka ho fetisisa ho tse teng Afrika Borwa. Diphoustara tse ngata ho tsena ke tsa mofuta o le mong o tshwanang mme di akaretsa mekga yohle ya difilimi tsa kwano. Diakhaeve di hopotse ho etsa hore diphoustara tsena di nkuwe ka mokgwa wa elektroniki ho kena sisiung sa pokeletso ya lesedi moo di kgonang hore di bonwe empa di sa tshwarwe ka matsoho.
Diakhaeve jwalo ka ha di na le pokeletso ya diphoustara di boetse di na le pokeletso ya ditshwantsho tsa di difoto tse amanang le difilimi tse fapafapaneng tsa kwano tse hlahisitsweng naheng ena ho tloha ka selemo sa 1916 di ka fumaneha mona. NAFVSA e na le pokeletso ya dingolwa tsa difilimi tse ka bang 1200 tsa difilimi tse fapafapaneng tsa kwano. Dingolwa tsena ke tsa ditlhahiso tsa pele ho tlhahiso mme ka hoo di fapana haholo le sehlahiswa sa skrining se seng se phethilwe.
NAFVSA e boetse ke bahlokomedi ba pokeletso e kgolo ya direkoto tsa pampiri tsa ditokomane, dikoranta, dikgetjhana tse nkilweng dikoranteng, ditshwantsho, mananeo le dibroutjhara tsa kgale tse mabapi le kalana, mmino, dingolwa le bonono bo bonolo. Boholo ba thepa e sehlopheng sena bo tswa dinyehelong tsa batho ba praevete le institjhushene tse neng di na le tjantjello papading tsa bonono le bononong bo bonolo. Pokeletso e ile ya iswa ho NAFVSA ha e tswa Lekgotleng la Diphuputso tsa Saense tsa Botho (HSRC)
BOHLOKWA BA DIAKHAEVE TSA DIFILIMI, DIVIDIYO LE TSA MODUMO
NAFVSA e a ikgetha hobane ke e nngwe ya diakhaeve tse seng kae lefatsheng ka bophara e bolokang difilimi, dividiyo le thepa ya modumo sebakeng se le seng. Ho kgona ho fihlella dipokeletso tsena tse ikgethang tse nang le nalane e bonwang ya Afrika Borwa ebile thuso e kgolo mme e tla dula e le thuso melokong e tlang ya Afrika Borwa. Ba tla kgona ho utlwa le ho bona se etsahetseng ka tsela e bobebe nakong e fetileng mme ba ka kgona le ho lekanya ka moo di-indasteri tsa modumo le thepa e bonwang di tla ba ka teng nakong e tlang.
Ka lebaka la diphetoho tse tlang ka potlako theknolojing e sebedisitsweng, disebedisweng tse ileng tsa sebediswa dilemong tse 20 tse fetileng mehleng ya kajeno e fetilwe ke nako, e ka sebetsa ho fana ka lesedi la motheo, mme ke theknoloji e raosang tjantjello ya histori ya ho bontsha tswelopele ya indasteri ya modumo le dihlahiswa tse bonwang.
